1 Bakorinthe 16:16-24 BIBELE (SSO89SO)

16. Ikokobeletseng ba jwalo, esita le bohle ba sebetsang, ba fufulelwang mmoho le bona.

17. Ke thabetse ho fihla ha Setefanase, le Foretunatose, le Akaikuse, hobane ke bona ba nthusitseng bosiyong ba lona.

18. Ba kgatholotse moya wa ka le ya lona. Ananelang ba jwalo.

19. Dikereke tsa Asia di a le dumedisa. Akulase le Prisilla le kereke e kenelang ha bona ba le dumedisa haholo Moreneng.

20. Bana babo rona bohle ba a le dumedisa. Dumedisanang ka kako e halalelang.

21. Ke nna Paulosi ya ngotseng ditumediso tsena ka letsoho la ka.

22. Haeba ho ena le ya sa rateng Morena, a ke a rohakehe. Marana tha! Morena, tloo!

23. Mohau wa Morena Jesu o ke o be le lona.

24. Lerato la ka le be le lona bohle ho Kreste Jesu.

1 Bakorinthe 16