1 Bakorinthe 16:1-3 BIBELE (SSO89SO)

1. Tabeng ya koleke e etsetswang badumedi, le lona le etse jwalokaha ke laetse dikereke tsa Galatia.

2. Ka tsatsi le qalang beke, e mong le e mong wa lona a bee ho hong kathoko ha hae, ho ya kamoo a sitsitsweng kateng; dikoleke di etswe ke eso fihle.

3. Ha ke fihla, ke tla romela bao le ka ba kgethang ka mangolo hore ba ise dimpho tsa lona tsa mohau Jerusalema.

1 Bakorinthe 16