5. O ile a iponahatsa ho Kefase, hamorao ho ba leshome le metso e mmedi.
6. Kamorao ho moo a iponahatsa ka nako e le nngwe ho badumedi ba fetang makgolo a mahlano, bao ba bangata ba bona ba ntseng ba phela le kajeno, leha ba bang ba bona ba se ba shwele.
7. A nto iponahatsa ho Jakobo, kamorao ho moo ho baapostola kaofela.
8. Qetellong, kamorao ho bohle, a iponahatsa ho nna, ya jwaloka sefolotsana.
9. Ho baapostola ke nna e monyenyane, ho bile ho a roneha hore ke bitswe moapostola, hobane ke ile ka hlorisa kereke ya Modimo.
10. Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona, mme mohau wa Modimo ho nna ha o a ka wa fetoha lefeela. Ke sebeditse ho feta baapostola bohle, le hoja e se ka bonna, e le ka mohau wa Modimo o ho nna.
11. Jwale leha e le nna kapa bona, re ruta jwalo, le lona le dumela jwalo.
12. Erekaha molaetsa wa rona o bolela hore Kreste o tsohile bafung, ba bang ba lona ba ka bolela jwang hore tsoho ya bafu ha e yo?
13. Haeba tsoho ya bafu ha e yo, le Kreste ha a ya tsoha bafung,
14. mme haeba Kreste ha a ya tsoha bafung, thuto ya rona le tumelo ya lona ke lefeela.
15. Ho feta moo, haeba ke nnete hore ha ba tsohe, re pakela Modimo ka leshano, hobane re re o tsositse Kreste bafung, empa a sa mo tsosa.
16. Haeba bafu ba sa tsohe, le yena Kreste ha a ya tsoha.
17. Jwale haeba Kreste ha a ya tsoha bafung, tumelo ya lona ke lefeela, le sa ntsane le le dibeng tsa lona.
18. Le ba shwetseng ho Kreste e tla ba ba timetse.
19. Haeba Kreste re mo tshepetse bophelo bona feela, re madimabe ho feta batho bohle.