47. Motho wa pele o tswa mobung, ke wa lefatshe; motho wa bobedi yena o tswa lehodimong.
48. Bao e leng ba lefatshe ba tshwana le wa lefatshe, athe bao e leng ba lehodimo ba tshwana le wa lehodimo.
49. Jwalokaha re futsitse wa lefatshe, eka kgona re futse le wa lehodimo.
50. Bana beso, jwale ke re ho lona: Nama le madi di ke ke tsa eja lefa la Mmuso wa Modimo, le se bolang se ke ke sa eja lefa la se sa boleng.
51. Mamelang, ke le bolelle sephiri: Ha re na ho shwa kaofela, empa kaofela re tla fetoha,
52. hanghang, ka ho panya ha ntshi, ha ho lla terompeta ya mehla ya bofelo, hobane terompeta e tla lla, bafu ba tla tsoha ba se ke ba bola, mme rona re tla fetoha.
53. Eka kgona se bolang sena se apare ho se bole, le se shwang sena se apare ho se shwe.
54. Ha se bolang sena se se se apare ho se bole, mme se shwang sena se se se apere ho se shwe, ke moo ho tla phethahala polelo ya Mangolo, e reng:“Lefu le fedisitswe,la hlolelwa ruri.
55. Wena lefu,tlholo ya hao e hokae?Wena lefu,motsu wa hao o hokae?”
56. Motsu wa lefu ke sebe, mme matla a sebe ke Molao.
57. Ha ho le jwalo, a re leboheng Modimo ya re neileng ho hlola ka Morena wa rona Jesu Kreste.
58. Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.