1 Bakorinthe 15:41-53 BIBELE (SSO89SO)

41. Ho na le kganya ya letsatsi, le ya kgwedi, le ya dinaledi, empa le kganya ya dinaledi ha e tshwane.

42. Le tsoho ya bafu e jwalo. Mmele o jalwa e le o bolang, o tla tsoha e le o sa boleng.

43. O jalwa e le o eisehang, o tla tsoha e le o tlotlehang. O jalwa e le o fokolang, o tla tsoha e le o matla.

44. O jalwa e le wa nama, o tla tsoha e le wa moya.Ha e le mona mmele o le teng oo e leng wa nama feela, le wona wa moya o teng,

45. hobane Mangolo a re: “Motho wa pele, Adama, ya eba sebopuwa se phelang;” Adama wa mehla ya bofelo ke yena moya o phedisang.

46. Se bileng teng pele hase sa moya, ke sa nama; ha nto hlaha sa moya.

47. Motho wa pele o tswa mobung, ke wa lefatshe; motho wa bobedi yena o tswa lehodimong.

48. Bao e leng ba lefatshe ba tshwana le wa lefatshe, athe bao e leng ba lehodimo ba tshwana le wa lehodimo.

49. Jwalokaha re futsitse wa lefatshe, eka kgona re futse le wa lehodimo.

50. Bana beso, jwale ke re ho lona: Nama le madi di ke ke tsa eja lefa la Mmuso wa Modimo, le se bolang se ke ke sa eja lefa la se sa boleng.

51. Mamelang, ke le bolelle sephiri: Ha re na ho shwa kaofela, empa kaofela re tla fetoha,

52. hanghang, ka ho panya ha ntshi, ha ho lla terompeta ya mehla ya bofelo, hobane terompeta e tla lla, bafu ba tla tsoha ba se ke ba bola, mme rona re tla fetoha.

53. Eka kgona se bolang sena se apare ho se bole, le se shwang sena se apare ho se shwe.

1 Bakorinthe 15