33. Le se ke la ithetsa.“Ditlwaelano tse mpedi senya mekgwa e metle.”
34. Hlaphohelwang, mme le se ke la nna la etsa sebe. Ba bang ha ba tsebe Modimo; ke rialo hore le hlajwe ke dihlong.
35. Empa e mong o tla re: “Bafu ba tla tsoha jwang? Ka mmele o jwang?”
36. Sethoto towe! Seo o se jalang se ke ke sa mela, ha se sa shwe pele.
37. Ha o jala, ha o jale semela, empa o jala tlhaku feela, ya koro kapa ya mofuta o mong.
38. Ka yona Modimo o medisa semela, kamoo a ratang kateng, ho ya ka mefuta e fapaneng ya ditlhaku.
39. Mefuta ya nama ha e tshwane; ho na le nama ya batho, le ya diphoofolo, le ya dinonyana, le ya ditlhapi.
40. Ho na le dibopuwa tsa lehodimo le tsa lefatshe, empa kganya ya tsa lehodimo ha e tshwane le kganya ya tsa lefatshe.