1 Bakorinthe 15:32-42 BIBELE (SSO89SO)

32. Haeba ke lwanne e mahlomafubedu mona Efese ka mabaka a botho feela, ke ruileng ka hoo? Haeba bafu ba sa tsohe,“a re jeng, re inwelleng,hobane hosasanere tla be re shwele.”

33. Le se ke la ithetsa.“Ditlwaelano tse mpedi senya mekgwa e metle.”

34. Hlaphohelwang, mme le se ke la nna la etsa sebe. Ba bang ha ba tsebe Modimo; ke rialo hore le hlajwe ke dihlong.

35. Empa e mong o tla re: “Bafu ba tla tsoha jwang? Ka mmele o jwang?”

36. Sethoto towe! Seo o se jalang se ke ke sa mela, ha se sa shwe pele.

37. Ha o jala, ha o jale semela, empa o jala tlhaku feela, ya koro kapa ya mofuta o mong.

38. Ka yona Modimo o medisa semela, kamoo a ratang kateng, ho ya ka mefuta e fapaneng ya ditlhaku.

39. Mefuta ya nama ha e tshwane; ho na le nama ya batho, le ya diphoofolo, le ya dinonyana, le ya ditlhapi.

40. Ho na le dibopuwa tsa lehodimo le tsa lefatshe, empa kganya ya tsa lehodimo ha e tshwane le kganya ya tsa lefatshe.

41. Ho na le kganya ya letsatsi, le ya kgwedi, le ya dinaledi, empa le kganya ya dinaledi ha e tshwane.

42. Le tsoho ya bafu e jwalo. Mmele o jalwa e le o bolang, o tla tsoha e le o sa boleng.

1 Bakorinthe 15