19. Haeba Kreste re mo tshepetse bophelo bona feela, re madimabe ho feta batho bohle.
20. Empa Kreste o fela a tsohile bafung, mme ke yena letsibolo la ba shweleng.
21. Erekaha lefu le hlahile ka motho, le tsoho ya bafu e hlaha ka motho.
22. Jwalokaha bohle ba eshwa ka baka la Adama, bohle ba tla boela ba phela ka baka la Kreste.
23. E mong le e mong o tla tsoha ka nako ya hae: Kreste ke letsibolo, e nto ba bao e tla be e le ba Kreste, mohla a kgutlang.
24. Kamorao ho moo e tla ba bofelo, mohla Kreste a busetsang borena ho Modimo Ntatae, hoba a fedise mebuso yohle, le borena bohle, le matla wohle,
25. hobane eka kgona Kreste a buse ho fihlela Modimo a bea dira tsohle tsa hae katlasa maoto a hae.
26. Lefu ke sera sa ho qetela se tla fediswa.
27. Mangolo a re: “Tsohle Modimo o di beile katlasa maoto a hae.” Feela ha ho thwe “tsohle” ho pepenene hore ha ho balellwe le Modimo, e leng yena ya beileng tsohle katlasa Kreste.
28. Empa etlare ha tsohle di se di beilwe katlasa Kreste, Mora le yena o tla ba katlasa Modimo, ya beileng tsohle katlasa hae, hore Modimo a tle a buse tsohle, hohle.
29. Haeba ho sa be jwalo, ba kolobetswang bakeng sa bafu ba tla fumana eng? Haeba ho hang bafu ha ba na ho tsoha, ke ka baka lang ha ba kolobetswa bakeng sa bafu?
30. Rona ke ka baka lang re leng kotsing ka nako tsohle?
31. Bana beso, ke tjametswe ke lefu ka matsatsi wohle! Ke bolela hona ke ithorisa ka lona ho Jesu Kreste Morena wa rona.
32. Haeba ke lwanne e mahlomafubedu mona Efese ka mabaka a botho feela, ke ruileng ka hoo? Haeba bafu ba sa tsohe,“a re jeng, re inwelleng,hobane hosasanere tla be re shwele.”