11. Jwale leha e le nna kapa bona, re ruta jwalo, le lona le dumela jwalo.
12. Erekaha molaetsa wa rona o bolela hore Kreste o tsohile bafung, ba bang ba lona ba ka bolela jwang hore tsoho ya bafu ha e yo?
13. Haeba tsoho ya bafu ha e yo, le Kreste ha a ya tsoha bafung,
14. mme haeba Kreste ha a ya tsoha bafung, thuto ya rona le tumelo ya lona ke lefeela.
15. Ho feta moo, haeba ke nnete hore ha ba tsohe, re pakela Modimo ka leshano, hobane re re o tsositse Kreste bafung, empa a sa mo tsosa.
16. Haeba bafu ba sa tsohe, le yena Kreste ha a ya tsoha.
17. Jwale haeba Kreste ha a ya tsoha bafung, tumelo ya lona ke lefeela, le sa ntsane le le dibeng tsa lona.
18. Le ba shwetseng ho Kreste e tla ba ba timetse.
19. Haeba Kreste re mo tshepetse bophelo bona feela, re madimabe ho feta batho bohle.
20. Empa Kreste o fela a tsohile bafung, mme ke yena letsibolo la ba shweleng.
21. Erekaha lefu le hlahile ka motho, le tsoho ya bafu e hlaha ka motho.
22. Jwalokaha bohle ba eshwa ka baka la Adama, bohle ba tla boela ba phela ka baka la Kreste.
23. E mong le e mong o tla tsoha ka nako ya hae: Kreste ke letsibolo, e nto ba bao e tla be e le ba Kreste, mohla a kgutlang.
24. Kamorao ho moo e tla ba bofelo, mohla Kreste a busetsang borena ho Modimo Ntatae, hoba a fedise mebuso yohle, le borena bohle, le matla wohle,
25. hobane eka kgona Kreste a buse ho fihlela Modimo a bea dira tsohle tsa hae katlasa maoto a hae.
26. Lefu ke sera sa ho qetela se tla fediswa.
27. Mangolo a re: “Tsohle Modimo o di beile katlasa maoto a hae.” Feela ha ho thwe “tsohle” ho pepenene hore ha ho balellwe le Modimo, e leng yena ya beileng tsohle katlasa Kreste.
28. Empa etlare ha tsohle di se di beilwe katlasa Kreste, Mora le yena o tla ba katlasa Modimo, ya beileng tsohle katlasa hae, hore Modimo a tle a buse tsohle, hohle.
29. Haeba ho sa be jwalo, ba kolobetswang bakeng sa bafu ba tla fumana eng? Haeba ho hang bafu ha ba na ho tsoha, ke ka baka lang ha ba kolobetswa bakeng sa bafu?