1. Jwale, bana beso, ke le hopotsa molaetsa o molemo oo ke le boleletseng wona, oo le o amohetseng, oo le tiileng ho wona,
2. oo le tla pholoswa ka wona, ha le o boloka kamoo ke le boleletseng wona kateng; ho seng jwalo tumelo ya lona ke ya lefeela.
3. Pele ho tsohle, ke le neile seo nna ke se amohetseng, e leng hore Kreste o shwele ka baka la dibe tsa rona, ho ya kamoo Mangolo a bolelang kateng,
4. le hore o ile a patwa, a ba a tsoha bafung ka tsatsi la boraro.
5. O ile a iponahatsa ho Kefase, hamorao ho ba leshome le metso e mmedi.
6. Kamorao ho moo a iponahatsa ka nako e le nngwe ho badumedi ba fetang makgolo a mahlano, bao ba bangata ba bona ba ntseng ba phela le kajeno, leha ba bang ba bona ba se ba shwele.