9. Le ho lona ho jwalo. Motho a ka le utlwisisa jwang haeba le bolela se sa utlwahaleng hantle ka leleme lesele? Le tla be le polela kathoko ho seotlo.
10. Dipuo di mefutafuta mona lefatsheng, empa e nngwe le e nngwe e a utlwahala.
11. Ka baka leo, ha ke sa tsebe puo e buuwang, ya e buang e tla ba moditjhaba ho nna, le nna ke be moditjhaba ho yena.
12. Kaha le lona le labalabela dineo tsa Moya, batlang tse ngata tse tla matlafatsa phutheho.
13. Ka baka leo, ya buang ka leleme lesele a rapelle hore a sitswe ka neo ya ho hlalosa se bolelwang.
14. Ha ke rapela ka leleme lesele, ho tla be ho rapela moya wa ka, empa kelello ya ka yona e robetse.
15. Ke etse jwang? Ke tla rapela ka moya, ke be ke rapele le ka kelello. Ke tla bina ka moya, ke be ke bine le ka kelello.
16. Ho seng jwalo, ha ho ka ba teng phuthehong motho eo e esong ho be Mokreste, o tla re “Amen!” jwang thapelong ya hao ya teboho, athe ha a utlwisise seo o se bolelang?
17. Leha wena o rapetse hantle, thapelo ya hao ya teboho ha e thuse motho eo.
18. Ke leboha Modimo, hobane ke tseba ho bua ka maleme asele ho le feta kaofela.
19. Empa phuthehong nka rata ho bua mantswe a mahlano, a utlwisiswang, hore ke rute ba bang, ho ena le ho bua mantswe a diketekete a sa utlwahaleng.
20. Bana beso, le se ke la nahana jwaloka bana, le nahane jwaloka batho ba baholo, empa le be masea ka nqeng ya bobe.