1 Bakorinthe 14:26-39 BIBELE (SSO89SO)

26. Jwale, ke tla reng bana beso? Ke re: Kamehla ha le phuthehile, e mong a bine sefela, e mong a rute, e mong a le senolele tsa Modimo, e mong a bue ka leleme lesele, e mong a hlalose puo eo. Tsena tsohle di etsetswe ho matlafatsa phutheho.

27. Haeba ho buuwa ka maleme asele, ho bue ba babedi, kapa ba sa feteng boraro; ba bue ka ho hlahlamana, mme e mong a hlalose.

28. Empa haeba ho se ya hlalosang, sebui le sona se thole phuthehong; se mpe se bue ka pelo, se bue le Modimo.

29. Ho ba porofetang ho bue ba babedi, kapa ba bararo, mme ba bang ba ahlole se bolelwang.

30. Haeba e mong, phuthehong, a senolelwa ho hong, ya ntseng a bua a thole, ba bang ba ahlole se bolelwang.

31. Bohle le ka porofeta, empa e be ka tlhlahlamano, e le hore bohle ba tle ba ithute, mme bohle ba kgothatswe.

32. Eka kgona baporofeta ba laole moya wa boporofeta oo ba nang le wona,

33. hobane Modimo ke Modimo wa kgotso, e seng wa moferefere.Jwaloka dikerekeng tsohle tsa badumedi,

34. eka kgona basadi ba thole diphuthehong; ha ba a dumellwa ho bua. Kamoo le Molao o bolelang kateng, ba lokela ho laolwa.

35. Haeba ho ena le seo ba lakatsang ho se tseba, eka kgona ba botse banna ba bona ha ba le malapeng a bona, hobane ho dihlong hore mosadi a bue phuthehong.

36. Na ebe lentswe la Modimo le tswile ho lona, kapa na ke lona feela ba le amohetseng?

37. Haeba e mong o teng ya lekanyang hore ke moporofeta, kapa o na le neo ya Moya wa Modimo, eka kgona a hlokomele hore tseo ke le ngollang tsona ke molao wa Morena.

38. Empa haeba motho a sa amohele tsena, le yena a ke ke a amoheleha ho Modimo.

39. Ka baka leo, bana beso, batlang neo ya ho porofeta, le se ke la thibela ba buang ka maleme asele.

1 Bakorinthe 14