1 Bakorinthe 14:18-32 BIBELE (SSO89SO)

18. Ke leboha Modimo, hobane ke tseba ho bua ka maleme asele ho le feta kaofela.

19. Empa phuthehong nka rata ho bua mantswe a mahlano, a utlwisiswang, hore ke rute ba bang, ho ena le ho bua mantswe a diketekete a sa utlwahaleng.

20. Bana beso, le se ke la nahana jwaloka bana, le nahane jwaloka batho ba baholo, empa le be masea ka nqeng ya bobe.

21. Molaong ho ngotswe, ho thwe:“Ke tla bua le setjhaba senaka maleme a batho basele,ka maleme a baditjhaba;leha ho le jwaloha se a ka sa mmamela,”ho rialo Morena.

22. Ho bua ka maleme asele ke pontsho e etsetswang ba sa dumelang, e seng badumedi; athe neo ya boporofeta ke ya badumedi, e seng ya ba sa dumelang.

23. Ka baka leo, ha kereke yohle e phuthehetse sebakeng se le seng, mme bohle ba bua ka maleme asele, jwale ho kena bao e esong ho be Bakreste kapa ba sa dumeleng, na ha ba tlo re le a hlanya?

24. Empa haeba bohle ba porofeta, e mong ya sa dumeleng, kapa eo e esong ho be Mokreste, ha a kena o tla kgodiseha, mme a ahlolwe ke se buuwang ke bohle.

25. Makunutu a pelo ya hae a tla senoleha. O tla itihela fatshe, a kgumamele Modimo, a phatlalatse, a re: “Ruri Modimo o teng hara lona.”

26. Jwale, ke tla reng bana beso? Ke re: Kamehla ha le phuthehile, e mong a bine sefela, e mong a rute, e mong a le senolele tsa Modimo, e mong a bue ka leleme lesele, e mong a hlalose puo eo. Tsena tsohle di etsetswe ho matlafatsa phutheho.

27. Haeba ho buuwa ka maleme asele, ho bue ba babedi, kapa ba sa feteng boraro; ba bue ka ho hlahlamana, mme e mong a hlalose.

28. Empa haeba ho se ya hlalosang, sebui le sona se thole phuthehong; se mpe se bue ka pelo, se bue le Modimo.

29. Ho ba porofetang ho bue ba babedi, kapa ba bararo, mme ba bang ba ahlole se bolelwang.

30. Haeba e mong, phuthehong, a senolelwa ho hong, ya ntseng a bua a thole, ba bang ba ahlole se bolelwang.

31. Bohle le ka porofeta, empa e be ka tlhlahlamano, e le hore bohle ba tle ba ithute, mme bohle ba kgothatswe.

32. Eka kgona baporofeta ba laole moya wa boporofeta oo ba nang le wona,

1 Bakorinthe 14