1. Folofellang lerato. Labalabelang dineo tsa moya, haholo neo ya ho porofeta.
2. Motho ya buang ka leleme lesele ha a bue le batho, o bua le Modimo, hobane ha ho ya mo utlwisisang. O bolela diphiri ka Moya o Halalelang.
3. Ya porofetang o bua le batho, o a ba matlafatsa, o a ba kgothatsa, o a ba tshedisa.
4. Ya buang ka leleme lesele o a imatlafatsa, empa ya porofetang o matlafatsa phutheho.
5. Nka thabela ha lona bohle le ka bua ka maleme asele, empa nka thabiswa haholo ke ha le porofeta. Ya porofetang ke motho wa bohlokwa ho feta ya buang ka leleme lesele, haese haeba yena a ka itlhalosa, e le hore phutheho e matlafale.
6. Jwale, bana beso, ho tla le thusa kang ha nka tla ho lona, ke bua ka leleme lesele, ntle le haeba puo ya ka e le senolela tsa Modimo, kapa tsebo, kapa boporofeta, kapa thuto?
7. Le diletsa tse sa pheleng, tse kang lekodilo le lekoope, ha di sa qaqolohanye dinoto hantle, motho a ka tseba jwang pina eo di e letsang?
8. Hona haeba modumo wa terompeta o sa utlwahale hantle, ke mang ya ka hlomellang ntwa?
9. Le ho lona ho jwalo. Motho a ka le utlwisisa jwang haeba le bolela se sa utlwahaleng hantle ka leleme lesele? Le tla be le polela kathoko ho seotlo.
10. Dipuo di mefutafuta mona lefatsheng, empa e nngwe le e nngwe e a utlwahala.
11. Ka baka leo, ha ke sa tsebe puo e buuwang, ya e buang e tla ba moditjhaba ho nna, le nna ke be moditjhaba ho yena.