1 Bakorinthe 13:8-13 BIBELE (SSO89SO)

8. Lerato ha le ka ke la fela le ka mohla, empa dipolelo tsa boporofeta di tla fela, le neo ya maleme asele e tla kgaotsa, le tsebo e tla fela.

9. Re tseba ka mokgwa o sa phethahalang, mme re porofeta ka mokgwa o sa phethahalang,

10. empa mohla ho hlahang ho phethehileng, ho sa phethahalang ho tla fela.

11. Ha ke ne ke sa le ngwana, ke ne ke bua jwaloka ngwana, ke hopola jwaloka ngwana, ke nahana jwaloka ngwana, empa ha ke se ke le monna, ke tlohetse tsa bongwana.

12. Hajwale re bona ka seipone, ka lerootho, empa mohlang oo re tla bona jwalokaha difahleho di tadimane. Hajwale ke tseba ka mokgwa o sa phethahalang, empa mohlang oo ke tla tseba jwalokaha Modimo a ntseba.

13. Jwale tsena tse tharo, e leng tumelo, le tshepo, le lerato, di tla nne di be teng, empa e kgolo ho tsona ke lerato.

1 Bakorinthe 13