9. Moya o nea e mong tumelo, athe wona Moya oo o nea e mong neo ya ho fodisa.
10. Moya o nea e mong matla a ho etsa mehlolo, e mong ho porofeta, e mong ho kgetholla meya; Moya o nea e mong neo ya ho bua ka maleme asele, athe e mong o mo nea ho a hlalosa.
11. Tsena tsohle di etswa ke wona Moya oo o le mong feela, mme o abela e mong le e mong kamoo o ratang kateng.
12. Jwalokaha mmele o le mong o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele, leha di le ngata, e le tsa mmele o le mong, le yena Kreste o jwalo.
13. Bohle re kolobeleditswe ho ba mmele o le mong, ka Moya o le mong; leha re ka ba Bajuda kapa Bagerike, makgoba kapa balokolohi, re amohetse Moya o le mong.
14. Efela mmele hase setho se le seng, empa ke ditho tse ngata.
15. Haeba leoto le ka re: “Erekaha ke se letsoho, ha ke karolo ya mmele,” ho rialo ho ke ke ha etsa hore le kgaotse ho ba karolo ya mmele.
16. Haeba tsebe e ka re: “Erekaha ke se leihlo, ha ke karolo ya mmele,” ho rialo ho ke ke ha etsa hore le kgaotse ho ba karolo ya mmele.
17. Haeba mmele wohle e ne e le leihlo, ho ne ho tla utluwa kang? Haeba mmele wohle e ne e le tsebe, ho ne ho tla fofonelwa kang?
18. Empa Modimo o hlophile ditho tsa mmele, se seng le se seng, kamoo a ratang kateng.
19. Haeba ditho tsohle e ne e le setho se le seng, mmele o ka be o le kae?
20. Jwale ditho di ngata, empa mmele o mong.
21. Leihlo le ke ke la re ho letsoho: “Ha ke o hloke;” le hlooho e ke ke ya re ho maoto: “Ha ke le hloke.”
22. Esita le ditho tsa mmele tseo e kang di fokola haholo, ke tsa bohlokwa.
23. Ditho tsa mmele tseo re hopolang hore ha di hlomphehe haholo, re di hlompha ho feta; ditho tsa rona tseo re leng dihlong ka tsona, re di apesa ka hlompho e fetisisang;
24. e leng seo ditho tsa rona tseo re seng dihlong ka tsona di sa se hlokeng. Empa Modimo o bopile mmele, a nea ditho tse eisehang hlompho e fetisisang,
25. e le hore ho se be twantshano mmeleng, ditho di hlokomelane.