3. Ke ka baka leo, ke le tsebisang hore ha ho motho ya nang le Moya o Halalelang ya ka reng: “Jesu o rohakehile;” ebile ha ho motho ya ka reng: “Jesu ke Morena,” ha a se na Moya o Halalelang.
4. Ho na le dineo tse fapaneng, empa Moya o fanang ka tsona o mong.
5. Ho na le mekgwa e fapaneng ya ho sebeletsa, empa Morena ya sebeletswang o mong.
6. Ho na le mesebetsi e fapaneng, empa Modimo ya sebetsang tsohle ho bohle o mong.
7. E mong le e mong o amohetse neo ya ho bonahatsa Moya hore bohle ba fumane molemo.
8. Moya o nea e mong ho bua ka bohlale, athe wona Moya oo o nea e mong ho bua ka tsebo.
9. Moya o nea e mong tumelo, athe wona Moya oo o nea e mong neo ya ho fodisa.
10. Moya o nea e mong matla a ho etsa mehlolo, e mong ho porofeta, e mong ho kgetholla meya; Moya o nea e mong neo ya ho bua ka maleme asele, athe e mong o mo nea ho a hlalosa.
11. Tsena tsohle di etswa ke wona Moya oo o le mong feela, mme o abela e mong le e mong kamoo o ratang kateng.
12. Jwalokaha mmele o le mong o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele, leha di le ngata, e le tsa mmele o le mong, le yena Kreste o jwalo.
13. Bohle re kolobeleditswe ho ba mmele o le mong, ka Moya o le mong; leha re ka ba Bajuda kapa Bagerike, makgoba kapa balokolohi, re amohetse Moya o le mong.
14. Efela mmele hase setho se le seng, empa ke ditho tse ngata.
15. Haeba leoto le ka re: “Erekaha ke se letsoho, ha ke karolo ya mmele,” ho rialo ho ke ke ha etsa hore le kgaotse ho ba karolo ya mmele.