20. Jwale ditho di ngata, empa mmele o mong.
21. Leihlo le ke ke la re ho letsoho: “Ha ke o hloke;” le hlooho e ke ke ya re ho maoto: “Ha ke le hloke.”
22. Esita le ditho tsa mmele tseo e kang di fokola haholo, ke tsa bohlokwa.
23. Ditho tsa mmele tseo re hopolang hore ha di hlomphehe haholo, re di hlompha ho feta; ditho tsa rona tseo re leng dihlong ka tsona, re di apesa ka hlompho e fetisisang;
24. e leng seo ditho tsa rona tseo re seng dihlong ka tsona di sa se hlokeng. Empa Modimo o bopile mmele, a nea ditho tse eisehang hlompho e fetisisang,
25. e le hore ho se be twantshano mmeleng, ditho di hlokomelane.
26. Haeba setho se seng se utlwa bohloko, ditho tse ding tsohle di utlwa bohloko le sona; kapa ha se seng se roriswa, tse ding tsohle di thaba le sona.
27. Lona le mmele wa Kreste. E mong le e mong wa lona ke setho sa wona.
28. Bao Modimo a ba beileng kerekeng ke bana: ba pele ke baapostola, ba bobedi ke baporofeta, ba boraro ke baruti; ho nto latela ba etsang mehlolo, le ba dineo tsa ho fodisa kapa ho thusa ba bang, kapa ho busa, kapa ho bua ka maleme asele.