1 Bakorinthe 12:2-12 BIBELE (SSO89SO)

2. Le a tseba hore ha le ne le sa le bahedene le ne le latela medimo ya bohata, e semumu, ho ya kamoo e neng e le hohela kateng.

3. Ke ka baka leo, ke le tsebisang hore ha ho motho ya nang le Moya o Halalelang ya ka reng: “Jesu o rohakehile;” ebile ha ho motho ya ka reng: “Jesu ke Morena,” ha a se na Moya o Halalelang.

4. Ho na le dineo tse fapaneng, empa Moya o fanang ka tsona o mong.

5. Ho na le mekgwa e fapaneng ya ho sebeletsa, empa Morena ya sebeletswang o mong.

6. Ho na le mesebetsi e fapaneng, empa Modimo ya sebetsang tsohle ho bohle o mong.

7. E mong le e mong o amohetse neo ya ho bonahatsa Moya hore bohle ba fumane molemo.

8. Moya o nea e mong ho bua ka bohlale, athe wona Moya oo o nea e mong ho bua ka tsebo.

9. Moya o nea e mong tumelo, athe wona Moya oo o nea e mong neo ya ho fodisa.

10. Moya o nea e mong matla a ho etsa mehlolo, e mong ho porofeta, e mong ho kgetholla meya; Moya o nea e mong neo ya ho bua ka maleme asele, athe e mong o mo nea ho a hlalosa.

11. Tsena tsohle di etswa ke wona Moya oo o le mong feela, mme o abela e mong le e mong kamoo o ratang kateng.

12. Jwalokaha mmele o le mong o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele, leha di le ngata, e le tsa mmele o le mong, le yena Kreste o jwalo.

1 Bakorinthe 12