6. Ha mosadi a sa rwala letho, ho molemo hore a kute. Haeba e le ntho e tlontlollang hore mosadi a kute kapa a beole moriri, eka kgona a rwale ho hong hloohong.
7. Ha ho hlokahale hore monna a rwale letho hloohong, hobane ke setshwantsho sa Modimo, mme o bontsha tlotla ya hae. Empa mosadi yena o bontsha tlotla ya monna wa hae.
8. Etswe mosadi o tswile ho monna, athe monna ha a ya tswa ho mosadi.
9. Ebile mosadi o bopilwe ka baka la monna, athe monna ha ya bopjwa ka baka la mosadi.
10. Ka baka la mangeloi, mosadi o tshwanetse ho rwala ho hong hloohong, e leng pontsho ya hore o tlasa taolo ya monna wa hae.
11. Athe mahlong a Morena, monna ke wa bohlokwa ho mosadi, le mosadi ke wa bohlokwa ho monna,
12. hobane jwalokaha mosadi a tswile ho monna, le yena monna o tswalwa ke mosadi, mme tsohle di tswa ho Modimo.
13. Ikahloleleng e le lona. Na ho a lokela hore mosadi a rapele Modimo a sa rwala letho hloohong?
14. Ka tlhaho ho a tlontlolla hore monna a hodise moriri wa hae.
15. Empa ha mosadi a hodisa moriri wa hae e ba tlotla ho yena, hobane o neilwe moriri o molelele, hore e tle e be lesira ho yena.
16. Haeba e mong a rata ho phea kgang ka hona, rona, esita le dikereke tsa Modimo, ha re na moetlo o jwalo wa ho rapela.
17. Jwale, ka tseo ke tla di bolela, ha ke le rorise, hobane diphutheho tsa lona ha di na thuso.
18. Taba ya pele, ke utlwa hore dikarohano di teng hara lona, diphuthehong tsa lona tsa kereke, mme ke batla ke dumela jwalo.
19. E, eka kgona dikarohano di be teng hara lona, e le hore bao e leng ba nnete ba tle ba bonahale.
20. Ka baka leo, ha le phutheha mmoho, ha le phuthehele ho ja Selallo sa Morena,