21. hobane ha le le dijong, e mong le e mong o potlakela ho itjella tsa hae, e mong a lape, e mong a tahwe.
22. Na ha le na mahalona moo le ka itjellang, kapa la inwella teng? Kapa le nyedisa kereke ya Modimo, mme le hlabisa ba se nang letho dihlong? Le re ke reng ho lona? Ke le rorise? Tjhe, tabeng ena nke ke ka le rorisa.
23. Nna ke amohetse ho Morena seo ke le neileng sona, e leng hore, ka bosiu boo Morena Jesu a ileng a ekwa ka bona, o ile a nka bohobe,
24. a leboha, a bo ngwatha, a re: “Hona ke mmele wa ka, o fanwang ka baka la lona. Etsang hona ho nkgopola.”
25. Ka mokgwa o jwalo, ha ho se ho laletswe, a nka senwelo, a re: “Senwelo sena ke selekane se setjha se tiiswang ka madi a ka. Kamehla ha le enwa, le etse jwalo ho nkgopola.”
26. Kamehla ha le eja bohobe bona, mme le nwela senwelong sena, le phatlalatsa lefu la Morena ho fihlela a kgutla.
27. Ka baka leo, mang kapa mang ya jang bohobe ba Morena, kapa ya nwelang senwelong sa Morena ka mokgwa o sa lokelang, o tla be a sitelwa mmele le madi a Morena.
28. Kahoo, motho ka mong a ke a itekole pele, e be hona a jang bohobe boo, mme a nwelang senwelong seo.
29. Ya jang le ya nwang a sa kgetholle hore ke mmele wa Morena, o ipitsetsa kahlolo.
30. Ke ka baka leo ho nang le ba bangata hara lona, ba kulang le ba fokolang, mme ba bangata ba se ba shwele.
31. Hoja re ye re itlhahlobe pele, Modimo o ne a ke ke a re ahlola.
32. Empa re a tsuwa, mme re otlwa ke Morena, e le hore re tle re se ke ra ahlolwa mmoho le lefatshe.
33. Ha ho le jwalo, bana beso, ha le phuthehela ho ja, fanang sebaka.
34. Haeba e mong a lapile, a no ja ha hae, e le hore ho phutheha ha lona ho se ke ha le tlisetsa kahlolo. Ha e le ka tse ding, ke tla di lokisa mohla ke fihlang.