1 Bakorinthe 11:1-17 BIBELE (SSO89SO)

1. Latelang mohlala wa ka, jwalokaha le nna ke latela wa Kreste.

2. Ke a le rorisa hobane kamehla le a nkgopola, mme le boloka tsohle kamoo ke di fetiseditseng ho lona kateng.

3. Empa ke rata hore le utlwisise hore Kreste ke hlooho ya monna e mong le e mong, monna ke hlooho ya mosadi, athe Modimo ke hlooho ya Kreste.

4. Monna e mong le e mong ha a rapela kapa a porofeta a rwetse ho hong hloohong, o tlontlolla Kreste.

5. Mosadi e mong le e mong ha a rapela kapa a porofeta, a sa rwala letho hloohong, o tlontlolla monna wa hae; ha ho phapano mahareng a hae le mosadi ya kutileng lekorana.

6. Ha mosadi a sa rwala letho, ho molemo hore a kute. Haeba e le ntho e tlontlollang hore mosadi a kute kapa a beole moriri, eka kgona a rwale ho hong hloohong.

7. Ha ho hlokahale hore monna a rwale letho hloohong, hobane ke setshwantsho sa Modimo, mme o bontsha tlotla ya hae. Empa mosadi yena o bontsha tlotla ya monna wa hae.

8. Etswe mosadi o tswile ho monna, athe monna ha a ya tswa ho mosadi.

9. Ebile mosadi o bopilwe ka baka la monna, athe monna ha ya bopjwa ka baka la mosadi.

10. Ka baka la mangeloi, mosadi o tshwanetse ho rwala ho hong hloohong, e leng pontsho ya hore o tlasa taolo ya monna wa hae.

11. Athe mahlong a Morena, monna ke wa bohlokwa ho mosadi, le mosadi ke wa bohlokwa ho monna,

12. hobane jwalokaha mosadi a tswile ho monna, le yena monna o tswalwa ke mosadi, mme tsohle di tswa ho Modimo.

13. Ikahloleleng e le lona. Na ho a lokela hore mosadi a rapele Modimo a sa rwala letho hloohong?

14. Ka tlhaho ho a tlontlolla hore monna a hodise moriri wa hae.

15. Empa ha mosadi a hodisa moriri wa hae e ba tlotla ho yena, hobane o neilwe moriri o molelele, hore e tle e be lesira ho yena.

16. Haeba e mong a rata ho phea kgang ka hona, rona, esita le dikereke tsa Modimo, ha re na moetlo o jwalo wa ho rapela.

17. Jwale, ka tseo ke tla di bolela, ha ke le rorise, hobane diphutheho tsa lona ha di na thuso.

1 Bakorinthe 11