17. Le hoja re le bangata, re mmele o le mong, hobane bohobe bo bong, mme bohle re ja bohobe boo bo le bong.
18. Bonang Baiseraele ba tswalo! Na ba jang nama ya mahlabelo, ha ba be le kabelo tshebeletsong e etswang aletareng?
19. Ebe ke bolelang? Hore seo bahedene ba se hlabelang medimo ya bohata ke letho? Kapa hore modimo wa bohata ke letho?
20. Tjhe, ke bolela hore tseo ba di hlabelang medimo ya bohata ba di hlabela bademona, e seng Modimo. Ha ke lakatse ha le ka ikopanya le bademona.
21. Ha le ka ke la nwela senwelong sa Morena le senwelong sa bademona. Ha le ka ke la jela tafoleng ya Morena le tafoleng ya bademona.
22. Kapa na re ka phephetsa Morena? Na re mo feta ka matla?
23. Le re: “Tsohle di dumeletswe,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, tsohle di dumeletswe, empa hase ho re tsohle di na le thuso.
24. Ho se be ya ipatlelang tse molemo, empa e mong a batlele e mong tse molemo.
25. Le ka ja dijo dife le dife tse rekiswang tlung ya dijo, ka matswalo a kgutsitseng, le sa botse letho,
26. hobane “lefatshe ke la Morena, le tsohle tse ho lona.”
27. Ha e mong wa bao e seng badumedi a le memela dijong, mme le rata ho ya, le je tsohle tseo a le fang tsona, ka matswalo a kgutsitseng, le sa botse letho.
28. Empa ha e mong a ka re ho lona: “Sena ke se hlabetsweng medimo ya bohata,” le se ke la se ja ka baka la eo ya le boleleletseng, le ka baka la letswalo.