1 Bakorinthe 10:15-31 BIBELE (SSO89SO)

15. Ke bua le lona le le ba bohlale; ke re le ikahlolele hore na ke reng.

16. Na senwelo se hlohonolofaditsweng, seo re se lebohang, hase se re abelang madi a Kreste na? Le bohobe boo re bo ngwathang, na hase mokgwa wa ho abelwa mmele wa Kreste na?

17. Le hoja re le bangata, re mmele o le mong, hobane bohobe bo bong, mme bohle re ja bohobe boo bo le bong.

18. Bonang Baiseraele ba tswalo! Na ba jang nama ya mahlabelo, ha ba be le kabelo tshebeletsong e etswang aletareng?

19. Ebe ke bolelang? Hore seo bahedene ba se hlabelang medimo ya bohata ke letho? Kapa hore modimo wa bohata ke letho?

20. Tjhe, ke bolela hore tseo ba di hlabelang medimo ya bohata ba di hlabela bademona, e seng Modimo. Ha ke lakatse ha le ka ikopanya le bademona.

21. Ha le ka ke la nwela senwelong sa Morena le senwelong sa bademona. Ha le ka ke la jela tafoleng ya Morena le tafoleng ya bademona.

22. Kapa na re ka phephetsa Morena? Na re mo feta ka matla?

23. Le re: “Tsohle di dumeletswe,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, tsohle di dumeletswe, empa hase ho re tsohle di na le thuso.

24. Ho se be ya ipatlelang tse molemo, empa e mong a batlele e mong tse molemo.

25. Le ka ja dijo dife le dife tse rekiswang tlung ya dijo, ka matswalo a kgutsitseng, le sa botse letho,

26. hobane “lefatshe ke la Morena, le tsohle tse ho lona.”

27. Ha e mong wa bao e seng badumedi a le memela dijong, mme le rata ho ya, le je tsohle tseo a le fang tsona, ka matswalo a kgutsitseng, le sa botse letho.

28. Empa ha e mong a ka re ho lona: “Sena ke se hlabetsweng medimo ya bohata,” le se ke la se ja ka baka la eo ya le boleleletseng, le ka baka la letswalo.

29. Ha ke bolele letswalo la hao, ke bolela la eo ya o boleletseng. Empa ke hobaneng ha bolokolohi ba ka bo laolwa ke letswalo la e mong?

30. Ha ke leboha Modimo ka seo ke se jang, ho ya kang ha ke nyefolelwa ho leboha hoo?

31. Ka baka leo, ebang le a ja, kapa le a nwa, kapa le etsa eng kapa eng, tsohle le di etsetse ho tlotlisa Modimo.

1 Bakorinthe 10