1. Bana beso, ke rata ha le tseba hore baholoholo bohle ba rona ba ne ba tsamaiswa ke leru, mme bohle ba tshela lewatle.
2. Bohle ba kolobetswa lerung le lewatleng, hore e be balatedi ba Moshe.
3. Bohle ba ja sejo sa moya se tshwanang.
4. Hape ba nwa seno sa moya se tshwanang, hobane ba ile ba enwa Lefikeng la moya le neng le ba latetse. Lefika leo ke Kreste.
5. Empa Modimo ha a a ka a kgahlwa ke ba bangata ba bona, mme ba ile ba shwela lehwatateng ka bongata.
6. Tsena di etsahetse hore e be mohlala ho rona, hore re se ke ra lakatsa tse kgopo, jwalokaha ba ne ba di lakatsa.