7. ha le sa haellwa ke neo efe kapa efe, ha le ntse le lebeletse hore Morena wa rona Jesu Kreste a bonahatswe.
8. Yena o tla nne a le tiise ho isa qetellong, le tle le se ke la nyatswa Letsatsing la ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste.
9. Modimo ya le bitseditseng ho ba le kabelo bophelong ba Mora wa hae, Jesu Kreste, Morena wa rona, o a tshepahala.
10. Bana beso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste ke ipiletsa ho lona hore bohle le be ntsweleng, dikarohano di be siyo hara lona, le mpe le utlwane, le be le maikutlo a le mang le kgopolo e le nngwe.
11. Bana beso, ke fela ke ile ka tsebiswa ka lona ke ba ha Kolowe hore le a tsekisana.
12. Seo ke se bolelang ke hore e mong wa lona o re: “Nna ke wa Paulosi,” e mong: “Nna ke wa Apolosi,” e mong: “Nna ke wa Kefase,” e mong hape: “Nna ke wa Kreste.”
13. Na Kreste o arotswe dikoto na? Na Paulosi o thakgiseditswe lona na? Kapa le kolobeditswe ka lebitso la Paulosi na?
14. Ke leboha Modimo ha e le mona ke sa kolobetsa le ya mong wa lona, haese Kerisepose le Gaiose.
15. Ka tsela ena, ha ho ya ka reng o kolobeditswe ka lebitso la ka.
16. Hape ke bile ke kolobeditse ba lelapa la Setefanase. Ntle ho bona, ha ke hopole hore nkile ka kolobetsa e mong.
17. Kreste ha a ya nthomela ho kolobetsa, empa ho bolela molaetsa o molemo, e seng ka bokgeleke, esere sefapano sa Kreste sa fetolwa lefeela.