4. Kamehla ke leboha Modimo wa ka, ka baka la mohau wa hae, oo le o filweng ka Kreste Jesu,
5. hobane ka yena le ruisitswe ka mekgwa yohle, dipolelong tsohle le tsebong yohle.
6. Kamoo bopaki bo pakang Kreste bo seng bo tiisitswe kateng ka ho lona,
7. ha le sa haellwa ke neo efe kapa efe, ha le ntse le lebeletse hore Morena wa rona Jesu Kreste a bonahatswe.
8. Yena o tla nne a le tiise ho isa qetellong, le tle le se ke la nyatswa Letsatsing la ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste.
9. Modimo ya le bitseditseng ho ba le kabelo bophelong ba Mora wa hae, Jesu Kreste, Morena wa rona, o a tshepahala.