14. Ke leboha Modimo ha e le mona ke sa kolobetsa le ya mong wa lona, haese Kerisepose le Gaiose.
15. Ka tsela ena, ha ho ya ka reng o kolobeditswe ka lebitso la ka.
16. Hape ke bile ke kolobeditse ba lelapa la Setefanase. Ntle ho bona, ha ke hopole hore nkile ka kolobetsa e mong.
17. Kreste ha a ya nthomela ho kolobetsa, empa ho bolela molaetsa o molemo, e seng ka bokgeleke, esere sefapano sa Kreste sa fetolwa lefeela.
18. Ho bua ka sefapano ke bothoto ho ba yang timelong; athe ho rona ba yang pholohong ke matla a Modimo,
19. hobane ho ngotswe, ho thwe:“Ke tla timetsa bohlale ba bahlalefi,ke fedise kelello ya ba masene.”
20. Jwale mohlalefi o tla fella kae? Morutehi yena? Sengangele sa tsa lefatshe sona? Ana Modimo ha a ka a bontsha hore bohlale ba lefatshe ke bothoto?
21. Erekaha lefatshe, ka bohlale ba lona, le sitilwe ho tseba Modimo ka mesebetsi ya bohlale ba hae, ka hona ba dumelang, Modimo o kgahlilwe ke ho ba pholosa ka bothoto ba molaetsa ona oo re o phatlalatsang.
22. Bajuda ba ikopela sesupo, Bagerike bona ba batla bohlale;
23. ha e le rona, re phatlalatsa tsa Kreste ya thakgisitsweng sefapanong, e leng kgopiso ho Bajuda le bothoto ho baditjhaba.
24. Empa ho ba bitsitsweng ke Modimo, e ka ba Bajuda kapa Bagerike, Kreste eo ke matla a Modimo le bohlale ba Modimo.
25. Seo e kang ke bothoto ba Modimo, ke bohlale bo fetang ba motho, mme seo e kang ke bofokodi ba Modimo, ke matla a fetang a motho.
26. Jwale, bana beso, hopolang hore na le ne le le jwang mohla Modimo a le bitsang. Ho ya ka botho feela, ho ne ho se ba bangata ba lona ba bohlale, ba matla kapa ba madi a borena.
27. Empa bao e leng dithoto ho lefatshe, Modimo o ba kgethile ho swabisa ba bohlale. Ba fokolang ho lefatshe, Modimo o ba kgethile ho swabisa ba matla;
28. ba eisehang le ba nyedisehang ho lefatshe, Modimo o ba kgethile: o kgethile tseo e seng letho ho fedisa tse leng teng,