3. Ditsie tsa tswa mosing, tsa tla lefatsheng, mme tsa newa matla a kang matla a diphepheng tsa lefatshe.
4. Tsa bolellwa hore di se ke tsa senya jwang ba lefatshe, leha e le tsohle tse tala, leha e le difate tsohle; di mpe di tshwenye batho feela ba se nang letshwao la Modimo diphatleng tsa bona.
5. Tsa laelwa hore di se ke tsa ba bolaya, di mpe di ba hlokofatse ka dikgwedi tse hlano; mme bohloko ba tsona bo ne bo le jwaloka bohloko ba phepheng, ha e hlabile motho.
6. Mehleng eo, batho ba tla ipatlela lefu, empa ba ke ke ba le fumana; ba tla lakatsa ho shwa, empa lefu le tla ba balehela.
7. Sebopeho sa ditsie tseo se ne se tshwana le sa dipere tse lokiseditsweng ntwa; dihloohong tsa tsona di ne di rwetse ho tshwanang le meqhaka e kang ya kgauta; difahleho tsa tsona di ne di le jwaloka difahleho tsa batho.
8. Di ne di na le moriri o kang moriri wa basadi, mme meno a tsona a ne a le jwaloka a tau.
9. Di ne di rwetse ditshireletso tsa sefuba, tse jwaloka ditshireletso tsa tshepe, mme modumo wa dipheo tsa tsona o no o le jwaloka modumo wa makoloi le wa dipere tse ngata tse mathelang ntweng.
10. Di na le mehatla e jwaloka ya diphepheng, le ditsenene, mme matla a tsona a ho hlokofatsa batho ka dikgwedi tse hlano a mehatleng ya tsona.
11. Mme di na le morena wa tsona, e leng lengeloi la sekoti; lebitso la hae ka Sebeheru, ke Abadone, ka Segerike le bitswa Apolione.
12. Kotsi e nngwe e fetile, empa bonang, ho sa tla kotsi tse pedi kamora eo.
13. Lengeloi la botshelela la letsa terompeta ya lona, mme ka utlwa lentswe le tswang dinakeng tse nne tsa aletare ya kgauta e pela Modimo,
14. la re ho lengeloi la botshelela, le tshwereng terompeta: Lokolla mangeloi a mane a holehilweng nokeng e kgolo ya Eufrate.
15. Yaba ho lokollwa mangeloi ao a mane, a seng a itokiseditse hora, le letsatsi, le kgwedi, le ngwaha, hore a tle a bolaye karolo ya boraro ya batho.
16. Palo ya makgotla a ba kaletseng ke dimilione tse makgolo a mabedi; hobane ke ne ke utlwe palo ya bona.