19. Hobane matla a dipere tseo a ne a le melomong ya tsona le mehatleng ya tsona; mehatla ya tsona e ne e tshwana le dinoha, e na le dihlooho tseo e senyang ka tsona.
20. Mme batho ba setseng, ba sa kang ba bolawa ke dikotsi tseo, ha ba ka ba baka mesebetsing ya matsoho a bona, mme ha ba ka ba lesa ho rapela batemona, le medimo ya kgauta, le ya silefera, le ya koporo, le ya majwe, le ya mahong, e sa tsebeng ho bona, le ho utlwa, le ho tsamaya.
21. Mme ha ba ka ba baka dipolaong tsa bona, le boloing ba bona, le bootsweng ba bona, le dikutsong tsa bona.