1. Lengeloi la bohlano la letsa terompeta ya lona, mme ka bona naledi e tswang lehodimong e wetseng lefatsheng; ya newa senotlolo sa sekoti sa dihele,
2. mme ya kwaholla sekoti sa dihele, mme ha tswa sekoting mosi o kang mosi wa sebopi se seholo; mme letsatsi le sebaka tsa fifatswa ke mosi o tswang sekoting.
3. Ditsie tsa tswa mosing, tsa tla lefatsheng, mme tsa newa matla a kang matla a diphepheng tsa lefatshe.
4. Tsa bolellwa hore di se ke tsa senya jwang ba lefatshe, leha e le tsohle tse tala, leha e le difate tsohle; di mpe di tshwenye batho feela ba se nang letshwao la Modimo diphatleng tsa bona.
5. Tsa laelwa hore di se ke tsa ba bolaya, di mpe di ba hlokofatse ka dikgwedi tse hlano; mme bohloko ba tsona bo ne bo le jwaloka bohloko ba phepheng, ha e hlabile motho.
6. Mehleng eo, batho ba tla ipatlela lefu, empa ba ke ke ba le fumana; ba tla lakatsa ho shwa, empa lefu le tla ba balehela.
7. Sebopeho sa ditsie tseo se ne se tshwana le sa dipere tse lokiseditsweng ntwa; dihloohong tsa tsona di ne di rwetse ho tshwanang le meqhaka e kang ya kgauta; difahleho tsa tsona di ne di le jwaloka difahleho tsa batho.