Tshenolo 8:9-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. mme karolo ya boraro ya dibopuwa tse phelang, tse lewatleng, ya eshwa, le karolo ya boraro ya dikepe ya timela.

10. Lengeloi la boraro la letsa terompeta ya lona, mme ha wa lehodimong naledi e kgolo, e tukang jwaloka serumula, mme ya wela hodima karolo ya boraro ya dinoka le ya didiba tsa metsi.

11. Lebitso la naledi eo ke Lengana, mme karolo ya boraro ya metsi ya fetoha lengana, mme batho ba bangata ba eshwa ke metsi ao, kahobane a fetohile a babang.

12. Lengeloi la bone la letsa terompeta ya lona; mme karolo ya boraro ya letsatsi ya otlwa, le karolo ya boraro ya kgwedi, le karolo ya boraro ya dinaledi, e le hore ho fifale karolo ya boraro ya ntho tseo, mme ho fifale le karolo ya boraro ya lesedi la motshehare le la bosiu.

13. Jwale, ka bona, ka ba ka utlwa ntsu e nngwe e fofang sebakeng sa lehodimo, e re ka lentswe le phahamileng: Ho madimabe, ho madimabe, ho madimabe ba ahileng lefatsheng, ka baka la mantswe a sa setseng a diterompeta tsa mangeloi a mararo a sa tlang ho di letsa!

Tshenolo 8