Tshenolo 8:6-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Yaba mangeloi a supileng, a tshwereng diterompeta tse supileng, a itokisetsa ho di letsa.

7. Lengeloi la pele la letsa terompeta ya lona, mme ha hlaha sefako le mollo, ho kopane le madi; ntho tseo tsa akgelwa lefatsheng; mme ha etjha karolo ya boraro ya lefatshe, ha etjha le karolo ya boraro ya difate, le jwang bo botala ba etjha kaofela.

8. Lengeloi la bobedi la letsa terompeta ya lona, mme ntho e kang thaba e kgolo, e tukang ke mollo, ya akgelwa lewatleng, mme karolo ya boraro ya metsi a lewatle ya fetoha madi;

9. mme karolo ya boraro ya dibopuwa tse phelang, tse lewatleng, ya eshwa, le karolo ya boraro ya dikepe ya timela.

10. Lengeloi la boraro la letsa terompeta ya lona, mme ha wa lehodimong naledi e kgolo, e tukang jwaloka serumula, mme ya wela hodima karolo ya boraro ya dinoka le ya didiba tsa metsi.

11. Lebitso la naledi eo ke Lengana, mme karolo ya boraro ya metsi ya fetoha lengana, mme batho ba bangata ba eshwa ke metsi ao, kahobane a fetohile a babang.

Tshenolo 8