2. Ka bona mangeloi a supileng a emeng pela Modimo, mme a newa diterompeta tse supileng.
3. Ha tla lengeloi le leng, la ema aletareng, le tshwere pitsa ya kgauta ya ho tjhesa dibano, mme la newa dibano tse ngata, hore le di hlahise le merapelo ya bahalaledi bohle aletareng ya kgauta, e pela terone.
4. Mosi wa dibano o tswang letsohong la lengeloi wa nyolohela ho Modimo, o ena le merapelo ya bahalaledi.
5. Mme lengeloi la nka pitsa ya ho tjhesa dibano, mme la e tlatsa ka mollo wa aletare, mme la e akgela lefatsheng; ha ba ha hlaha mantswe, le diaduma, le mahadima, le tshisinyeho ya lefatshe.
6. Yaba mangeloi a supileng, a tshwereng diterompeta tse supileng, a itokisetsa ho di letsa.
7. Lengeloi la pele la letsa terompeta ya lona, mme ha hlaha sefako le mollo, ho kopane le madi; ntho tseo tsa akgelwa lefatsheng; mme ha etjha karolo ya boraro ya lefatshe, ha etjha le karolo ya boraro ya difate, le jwang bo botala ba etjha kaofela.
8. Lengeloi la bobedi la letsa terompeta ya lona, mme ntho e kang thaba e kgolo, e tukang ke mollo, ya akgelwa lewatleng, mme karolo ya boraro ya metsi a lewatle ya fetoha madi;