7. ba leloko la Simeone ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Levi ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Isakare ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi;
8. ba leloko la Sabulone ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Josefa ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Benjamine ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi.
9. Kamora tseo, ka tadima, mme ka bona bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ya ka tsebang ho ba bala, ba ditjhaba tsohle, le ba mefuta yohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba eme pela terone le pela Konyana, ba apere diaparo tse telele tse tshweu, ba tshwere dipalema matsohong a bona,
10. ba ntse ba howa ka mantswe a phahamileng, ba re: Poloko ke ya Modimo wa rona, o dutseng teroneng, le ya Konyana.
11. Mme mangeloi kaofela a ne a eme a teetse terone, le baholo, le dibopuwa tse phelang tse nne hare; a ne a wa ka difahleho pela terone, a rapela Modimo,
12. a re: Amen! Ho Modimo wa rona e be poko, le kganya, le bohlale, le teboho, le hlompho, le borena, le matla, mehleng le mehla! Amen!
13. Yaba e mong wa baholo o ahlamisa molomo wa hae, a re: Bana ba apereng diaparo tse telele tse tshweu ke bomang, mme ba tswa kae?
14. Ka re ho yena: Monghadi, ho tseba wena. A re ho nna: Ke ba tswang mahlomoleng a maholo; ba hlatswitse diaparo tse telele tsa bona, ba di sweufaditse mading a Konyana.
15. Ke ka lebaka leo ba leng pela terone ya Modimo, mme ba o sebeletsa motshehare le bosiu tempeleng ya wona; mme ya dutseng teroneng o tla ba sireletsa.
16. Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa; ha ba sa tla hlola ba batwa ke letsatsi, leha e le ke lebatama le leng;
17. hobane Konyana e hara terone e tla ba alosa, mme e tla ba isa didibeng tsa metsi a bophelo; mme Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona.