1. Kamora tseo, ka bona mangeloi a mane a eme dikgutlong tse nne tsa lefatshe, a thibetse meya e mene ya lefatshe, hore ho se ke ha eba moya o fokelang lefatsheng, le lewatleng, leha e le sefateng se le seng.
2. Ka bona lengeloi le leng le nyoloha botjhabatsatsi, le tshwere letshwao la Modimo o phelang; la phahamisa lentswe, le howeletsa mangeloi a mane a neng a neilwe taelo ya ho senya lefatshe le lewatle,
3. la re: Le se ke la senya lefatshe, leha e le lewatle, leha e le difate, re eso ho tshwaye bahlanka ba Modimo wa rona diphatleng tsa bona.
4. Mme ka utlwa palo ya ba tshwailweng e le dikete tse lekgolo le nang le mashome a mane a metse e mene, e leng ba tshwailweng melokong yohle ya bana ba Iseraele.
5. Ba leloko la Juda ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Rubene ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Gade ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi;
6. ba leloko la Asere ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Nefthali ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Manase ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi;
7. ba leloko la Simeone ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Levi ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Isakare ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi;
8. ba leloko la Sabulone ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Josefa ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Benjamine ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi.