Tshenolo 6:10-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Ya howa ka lentswe le phahamileng, ya re: Morena ya halalelang, wa nnete, o tla dieha ho le hokae ho ahlola le ho lefetsa madi a rona ho ba ahileng lefatsheng?

11. Yaba e mong le e mong o newa seaparo se selelele se sesweu. Mme ba bolellwa hore ba ke ba phomole ho se hokae, palo ya balekane ba bona ba bohlanka, le ya banababo bona ba sa tlang ho bolawa jwaloka bona, e tle e be e phethehe.

12. Ka tadima ha e manolla tiiso ya botshelela, mme bonang, tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng; letsatsi la eba letsho jwaloka mokotla wa boditse, mme kgwedi ya eba jwaloka madi.

13. Dinaledi tsa lehodimo tsa wela lefatsheng, jwaloka difeiye tse tala ha sefate sa tsona se tsukutlwa ke moya o fokang ka matla.

14. Lehodimo le finahana jwaloka lengolo ha le phuthwa, mme dithaba le dihlekehleke kaofela tsa suthiswa ditulong tsa tsona.

15. Marena a lefatshe, le ba baholo, le barui, le balaodi, le dinatla, le bohle ba ruilweng, le bohle ba sa ruwang, ba ipata mahaheng le mafikeng a dithaba,

16. ba re ho dithaba le ho mafika: Re weleng hodimo, le re pate pela sefahleho sa ya dutseng teroneng le pela bohale ba Konyana.

17. Hobane letsatsi le leholo la kgalefo ya yona le tjhabile, mme ho ka ema mang?

Tshenolo 6