Tshenolo 6:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mme ka bona Konyana ha e manolla tiiso e nngwe ya tse supileng, mme ka utlwa se seng sa dibopuwa tse phelang tse nne, se re ka lentswe le kang seaduma: Tloo.

2. Yaba ke a tadima, ka bona pere e tshweu, mme ya e kaletseng a tshwere seqha; a fuwa moqhaka, mme a tloha e le ya hlolang le ya tla hlola.

3. Eitse hobane e manolle tiiso ya bobedi, ka utlwa sebopuwa se phelang sa bobedi se re: Tloo.

4. Mme ha tswa pere e nngwe e kgunong, mme ya e kaletseng a fuwa matla a ho fedisa kgotso lefatsheng, hore batho ba bolayane, mme a newa lerumo le leholo.

5. Yare hobane e manolle tiiso ya boraro, ka utlwa sebopuwa se phelang sa boraro se re: Tloo. Yaba ke a tadima, ka bona pere e ntsho, mme ya e kaletseng a tshwere sekala letsohong la hae.

6. Mme ka utlwa lentswe mahareng a dipobuwa tse phelang tse nne, le re: Kgala e le nngwe ya koro e rekwe ka denare, le kgala tse tharo tsa harese ka denare; empa o se ke wa senya ole le veine.

7. Hoba e manolle tiiso ya bone, ka utlwa lentswe la sebopuwa se phelang sa bone, le re: Tloo.

8. Yaba ke a tadima, ka bona pere e tshehla, mme ya e kaletseng lebitso la hae e le Lefu, a lateletswe ke nqalo ya bafu; a fuwa matla hodima karolo ya bone ya lefatshe ho bolaya batho ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu, le ka dibatana tsa naha.

9. Eitse hobane e manolle tiiso ya bohlano, ka bona katlasa aletare meya ya ba bolaetsweng lentswe la Modimo le bopaki boo ba neng ba bo tiisitse.

10. Ya howa ka lentswe le phahamileng, ya re: Morena ya halalelang, wa nnete, o tla dieha ho le hokae ho ahlola le ho lefetsa madi a rona ho ba ahileng lefatsheng?

11. Yaba e mong le e mong o newa seaparo se selelele se sesweu. Mme ba bolellwa hore ba ke ba phomole ho se hokae, palo ya balekane ba bona ba bohlanka, le ya banababo bona ba sa tlang ho bolawa jwaloka bona, e tle e be e phethehe.

Tshenolo 6