Tshenolo 5:8-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Eitse hobane e nke buka eo, dibopuwa tse phelang tse nne, le baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba kgumama pela Konyana, ba nkile, e mong le e mong, harepa le pitsana ya kgauta e tletseng tse monko o monate, e leng merapelo ya bahalaledi.

9. Ba bina sefela se setjha, ba re: O loketse ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; hobane o ne o hlajwe, mme wa lopollela Modimo, ka madi a hao, batho ba mefuta yohle, le ba dipuo tsohle, le ba merabe yohle, le ba ditjhaba tsohle;

10. mme o ba beile marena le baprista ho Modimo wa rona, mme ba tla busa hodima lefatshe.

11. Jwale, ka tadima, mme ka utlwa mantswe a mangeloi a mangata a teetseng terone, le dibopuwa tse phelang tse nne le baholo hare, mme palo ya wona e ne e le dikete tse dikete le mashome a dikete a mashome a dikete.

12. A ne a re ka lentswe le phahamileng: Konyana e neng e hlajwe e loketse ho nka borena, le monono, le bohlale, le matla, le hlompho, le kganya, le teboho.

13. Mme ka utlwa dibopuwa tsohle tse lehodimong, le tse lefatsheng, le tse katlase ho lefatshe, le tse lewatleng, le tse ho tsona kaofela, di re: Ho ya dutseng teroneng le ho Konyana, e be teboho, le hlompho, le kganya, le matla, mehleng le mehla!

14. Mme dibopuwa tse phelang tse nne tsa re: Amen! Mme baholo ba wa ka difahleho tsa bona, ba rapela.

Tshenolo 5