1. Mme ka bona letsohong le letona la ya dutseng teroneng buka e ngodilweng kahare le kantle, e tiisitsweng ka ditiiso tse supileng.
2. Mme ka bona lengeloi le matla le howang ka lentswe le phahamileng, le re: Ke mang ya nang le tokelo ya ho phetla buka le ya ho manolla ditiiso tsa yona?
3. Mme ho ne ho se e mong lehodimong, leha e le lefatsheng, leha e le katlase ho lefatshe, ya neng a ka tseba ho phetla buka, leha e le ho e tadima.
4. Mme nna, ka lla haholo, hobane ho ne ho se ya loketseng ho phetla buka, le ho e bala, leha e le ho e tadima.
5. Yaba e mong wa baholo o re ho nna: Se lle; bona, tau ya leloko la Juda, lehlomela la Davida, e hlotse, e tle e tsebe ho phetla buka le ho manolla ditiiso tse supileng tsa yona.
6. Yaba ke bona konyana e kang e hlabilwe, e eme mahareng a terone le a dibopuwa tse phelang tse nne, le mahareng a baholo, e na le dinaka tse supileng, le mahlo a supileng, e leng Meya e supileng ya Modimo, e rometsweng kahohle lefatsheng.
7. Mme ya tla, ya nka buka letsohong le letona la ya dutseng teroneng.
8. Eitse hobane e nke buka eo, dibopuwa tse phelang tse nne, le baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba kgumama pela Konyana, ba nkile, e mong le e mong, harepa le pitsana ya kgauta e tletseng tse monko o monate, e leng merapelo ya bahalaledi.