Tshenolo 4:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Kamora tseo, ka tadima, mme ka bona monyako o butswe lehodimong, mme lentswe la pele, leo ke neng ke le utlwile le bua le nna, le kang la terompeta, la re: Nyolohela kwano, mme ke tla o bontsha tse tlang ho hlaha kamora tseo.

2. Yaba hang, ke nkwa ke Moya; mme, bonang, terone e ne e beilwe lehodimong, mme e mong o ne a dutse teroneng eo.

3. Ya dutseng ho yona, ha ke mmona, o ne a tshwana le lejwe la jaspe le la sardone, mme terone e ne e teetswe hare ke mookodi o kang emerauda, ha ho tadingwa.

4. Terone hape e ne e dikeditswe ke diterone tse ding tse mashome a mabedi a metso e mene, mme diteroneng tseo ka bona baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba dutse, ba apere diaparo tse tshweu, ba rwetse meqhaka ya kgauta dihloohong tsa bona.

5. Teroneng eo ho ne ho etswa mahadima, le diaduma, le mantswe; mme pela terone ho ne ho tuka dilampi tse supileng, tseo e leng Meya e supileng ya Modimo.

6. Hape, pela terone, ho ne ho le lewatle la seipone, se kang kristale.Bohareng ba terone le ka nqa tsohle ho terone, dibopuwa tse phelang tse nne di ne di le teng, tse tletseng mahlo kapele le kamorao.

Tshenolo 4