Tshenolo 4:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Kamora tseo, ka tadima, mme ka bona monyako o butswe lehodimong, mme lentswe la pele, leo ke neng ke le utlwile le bua le nna, le kang la terompeta, la re: Nyolohela kwano, mme ke tla o bontsha tse tlang ho hlaha kamora tseo.

2. Yaba hang, ke nkwa ke Moya; mme, bonang, terone e ne e beilwe lehodimong, mme e mong o ne a dutse teroneng eo.

3. Ya dutseng ho yona, ha ke mmona, o ne a tshwana le lejwe la jaspe le la sardone, mme terone e ne e teetswe hare ke mookodi o kang emerauda, ha ho tadingwa.

4. Terone hape e ne e dikeditswe ke diterone tse ding tse mashome a mabedi a metso e mene, mme diteroneng tseo ka bona baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba dutse, ba apere diaparo tse tshweu, ba rwetse meqhaka ya kgauta dihloohong tsa bona.

5. Teroneng eo ho ne ho etswa mahadima, le diaduma, le mantswe; mme pela terone ho ne ho tuka dilampi tse supileng, tseo e leng Meya e supileng ya Modimo.

Tshenolo 4