12. Ya hlolang, ke tla mo etsa tshiya tempeleng ya Modimo wa ka, mme ha a sa tla hlola a etswa teng; mme ke tla ngola hodima hae lebitso la Modimo wa ka, le lebitso la motse wa Modimo wa ka, e leng Jerusalema e motjha, ya theohang lehodimong ho Modimo wa ka, le lebitso la ka le letjha.
13. Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke.
14. Ngolla le lengeloi la kereke ya Laodisea, o re: Ke tsena tse bolelwang ke eo e leng Amen, paki e tshepehang, ya nnete, hlooho ya dibopuwa tsa Modimo:
15. Ke tseba mesebetsi ya hao: ha o bate, ha o tjhese; holane o a bata, kapa o a tjhesa!
16. Mme jwale, erekaha o le fofo, o sa bate, o sa tjhese, ke tla o hlatsa molomong wa ka.
17. Erekaha o re: Ke morui, ke mononi, mme ha ke hloke letho; athe ha o tsebe hobane o soto, o madimabe, o mofutsana, o sefofu, o feela;
18. ke a o eletsa hore o ithekele ho nna kgauta e hlwekisitsweng mollong, o tle o rue; le diaparo tse tsweu, o tle o apare, dihlong tsa bofeela ba hao di tle di se ke tsa bonahala; o ithekele le setlolo sa mahlo, ho a tlotsa ka sona, o tle o bone.
19. Nna, ke kgalemela, ke laya bohle bao ke ba ratang; o be le tjheseho hle, mme o bake.
20. Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota; ekare ha e mong a utlwa lentswe la ka, mme a bula monyako, ke tla kena ha hae, mme ke tla lalla le yena, le yena le nna.
21. Ya hlolang, ke tla mo fa ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.
22. Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke.