Tshenolo 3:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ngolla lengeloi la kereke ya Sarda, o re: Ya tshwereng Meya e supileng ya Modimo le dinaledi tse supileng, o bolela tsena, o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le hoba o na le botumo ba ho phela, athe o shwele.

2. Lebela, mme o tiise ho sa setseng ho seng ho ya shwa; hobane ha ke a ka ka fihlela mesebetsi ya hao e phethehile pela Modimo.

3. Hopola hle kamoo o filweng kateng, le kamoo o utlwileng kateng, o se boloke, mme o bake; hobane ha o sa lebele, ke tla tla ho wena ka mokgwa wa leshodu, mme o ke ke wa tseba nako eo ke tla tla ho wena ka yona.

4. Empa o na le mabitso a ba seng bakae Sarda, ba sa kang ba silafatsa diaparo tsa bona; ba tla tsamaya le nna ka diaparo tse tshweu, kahobane ba loketswe ke hona.

5. Ya hlolang, yena o tla apeswa diaparo tse tshweu, mme nke ke ka hlakola lebitso la hae bukeng ya bophelo, empa ke tla bolela lebitso la hae pela Ntate le pela mangeloi a hae.

6. Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke.

7. Ngolla lengeloi la kereke ya Filadelfia, o re: Ya halalelang, Wa nnete, ya tshwereng senotlolo sa Davida, ya bulang, mme ho se ya ka kwalang, ya kwalang, mme ho se ya ka bulang, o bolela tsena, o re:

8. Ke tseba mesebetsi ya hao. Bona, ke butse monyako pela hao, o ke keng wa kwalwa ke motho; hobane o na le matlanyana, mme o bolokile lentswe la ka, mme ha o a ka wa latola lebitso la ka.

9. Bona, ke o neela ba bang ba sinagoge ya Satane, ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, ba mpa ba le leshano. Bona, ke tla ba tlisa hore ba kgumame pela maoto a hao, mme ba tla tseba hobane ke o ratile.

10. Erekaha o bolokile lentswe la mamello ya ka, le nna ke tla o lwela nakong ya moleko, o tlang ho hlahela lefatshe kaofela, ho leka ba ahileng lefatsheng.

Tshenolo 3