7. Bona, ke se ke etla kapele! Ho lehlohonolo ya bolokang ditaba tsa boporofeta ba buka ena!
8. Ke nna, Johanne, ya boneng, ya utlwileng ditaba tseo. Eitse hobane ke utlwe, ke bone, ka itihela ho kgumama maotong a lengeloi le mpontshitseng ntho tseo.
9. Empa la re ho nna: Se etse hoo; hobane ke molekane wa hao wa tshebeletso, le wa banabeno ba baporofeta, le wa ba bolokang dipolelo tsa buka ena. Kgumamela Modimo.
10. La eketsa la re ho nna: O se ke wa kwahela ditaba tsa boporofeta ba buka ena; hobane nako ya tsona e se e le haufi.
11. Ya etsang ho sa lokang a nne a etse ho sa lokang; ya itshilafatsang a nne a itshilafatse; ya lokileng a eketse ho loka; le ya halalelang a nne a eketse ho halaletswa.
12. Bonang, ke phakisa ke etla, mme ke tshwere moputso wa ka, ho putsa e mong le e mong ka ho lekanang diketso tsa hae.
13. Ke nna alfa le omega, qalo le qetello, wa pele le wa morao.
14. Ho lehlohonolo ba hlatswang diaparo tsa bona, ba tle ba lokele ho ja sefate sa bophelo, mme ba kene motseng ka menyako ya wona.
15. Empa kantle ho tla sala dintja, le baloi, le bafebi, le babolai, le ba rapelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, le ba le etsang.
16. Ke nna Jesu ke romileng lengeloi la ka ho le pakela ditaba tseo dikerekeng. Ke nna motso le moloko wa Davida, naledi e kganyang ya meso.