Tshenolo 22:6-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. La ntoo re ho nna: Ditaba tseo ke tse tiileng, ke tsa nnete; mme Morena, Modimo wa meya ya baporofeta, o romile lengeloi la hae ho bontsha bahlanka ba hae ditaba tse seng di tla hlaha kapele.

7. Bona, ke se ke etla kapele! Ho lehlohonolo ya bolokang ditaba tsa boporofeta ba buka ena!

8. Ke nna, Johanne, ya boneng, ya utlwileng ditaba tseo. Eitse hobane ke utlwe, ke bone, ka itihela ho kgumama maotong a lengeloi le mpontshitseng ntho tseo.

9. Empa la re ho nna: Se etse hoo; hobane ke molekane wa hao wa tshebeletso, le wa banabeno ba baporofeta, le wa ba bolokang dipolelo tsa buka ena. Kgumamela Modimo.

10. La eketsa la re ho nna: O se ke wa kwahela ditaba tsa boporofeta ba buka ena; hobane nako ya tsona e se e le haufi.

11. Ya etsang ho sa lokang a nne a etse ho sa lokang; ya itshilafatsang a nne a itshilafatse; ya lokileng a eketse ho loka; le ya halalelang a nne a eketse ho halaletswa.

12. Bonang, ke phakisa ke etla, mme ke tshwere moputso wa ka, ho putsa e mong le e mong ka ho lekanang diketso tsa hae.

13. Ke nna alfa le omega, qalo le qetello, wa pele le wa morao.

Tshenolo 22