Tshenolo 22:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Lengeloi la mpontsha hape noka e ntle ya metsi a bophelo, a hlwekileng jwaloka kristale, e tswang teroneng ya Modimo le Konyana.

2. Mahareng a lepatlelo la motse le mabopong a noka, ka mose o mong le o mong, ho na le sefate sa bophelo se behang ditholwana ha leshome le metso e mmedi, mme se beha ditholwana ka dikgwedi tsohle; mahlaku a sefate seo ke a ho fodisa baditjhaba.

3. Anathema ha e sa tla hlola e eba teng; se leng hona teng ke terone ya Modimo le ya Konyana, mme bahlanka ba wona ba tla o sebeletsa;

4. ba tla bona sefahleho sa wona, mme lebitso la wona le tla ngolwa diphatleng tsa bona.

5. Bosiu ha bo sa tla hlola bo eba teng, mme ha ba sa hloka lesedi la lebone, leha e le la letsatsi; hobane Morena Modimo o tla ba bonesa, mme ba tla busa kamehla le mehla.

6. La ntoo re ho nna: Ditaba tseo ke tse tiileng, ke tsa nnete; mme Morena, Modimo wa meya ya baporofeta, o romile lengeloi la hae ho bontsha bahlanka ba hae ditaba tse seng di tla hlaha kapele.

Tshenolo 22