Tshenolo 21:9-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Jwale lengeloi le leng la a supileng a neng a tshwere dinkgo tse supileng tse tletseng dikotsi tsa qetello tse supileng, la tla, la re ho nna: Tloo, ke o bontshe monyaduwa, eo e leng mosadi wa Konyana.

10. Yaba le nkisa ka moya hodima thaba e kgolo, e phahamileng, la ntoo mpontsha motse o moholo, Jerusalema ya halalelang, o theoha lehodimong ho Modimo,

11. o kganya ka kganya ya Modimo: lesedi la wona le tshwana le la lehakwe la bohlokwa, le kang lejwe la jaspe e bonaletsang jwaloka kristale.

12. O dikeditswe ke lerako le leholo le phahamileng; o kenwa ka menyako e leshome le metso e mmedi; mangeloi a leshome le metso e mmedi a eme menyakong ya wona; mme mabitso a ngodilwe hodima yona, e leng mabitso a meloko e leshome le metso e mmedi ya bana ba Iseraele.

13. Ka nqa ya botjhabela menyako e meraro; ka nqa ya leboya menyako e meraro; ka nqa ya borwa menyako e meraro, le ka nqa ya bophirimela menyako e meraro.

14. Lerako la motse le na le metheo e leshome le metso e mmedi eo ho ngodilweng ho yona mabitso a baapostola ba Konyana ba leshome le metso e mmedi.

15. Ya buang le nna o ne a tshwere leqala la kgauta la ho lekanya motse le menyako ya wona le lerako la wona.

16. Motse o na le dikgutlo tse nne; bolelele ba wona bo lekana le bophara ba wona; ha o se o lekanntswe ka leqala, ha fihlelwa ho le stadia tse dikete tse leshome le metso e mmedi; bolelele, le bophara, le bophahamo ba wona bo a lekana.

17. A ntoo lekanya lerako la wona, mme a fihlela ho le ditswe tse lekgolo le nang le mashome a mane a metso e mene, ka tekanyo ya motho, e leng ya lengeloi.

18. Lerako la motse le hahilwe ka majwe a jaspe; motse wona e le kgauta feela e hlwekileng, e kang seipone se hlwekileng.

19. Metheo ya lerako la motse e kgabisitswe ka mahakwe a mefutafuta, a bohlokwa. Motheo wa pele ke wa jaspe; wa bebedi wa safire; wa boraro wa kalsedone; wa bone wa emerauda;

Tshenolo 21