Tshenolo 21:20-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. wa bohlano ke wa sardonise, wa botshelela wa sardone, wa bosupa wa krisolithe, wa boroba meno e le mmedi wa berile, wa boroba mono o le mong wa topase, wa leshome wa krisoprase, wa leshome le motso o mong wa hiasinthe, wa leshome le metso e mmedi wa amethiste.

21. Menyako e leshome le metso e mmedi ke diperela tse leshome le metso e mmedi; monyako o mong le o mong o entswe ka perela e le nngwe; lepatlelo la motse lona ke kgauta e ntle jwaloka seipone se bonaletsang.

22. Haele tempele, ha ke a ka ka e bona ho wona; hobane Morena Modimo o matla wohle le Konyana ke tempele ya wona.

23. Motse ha o na ho boneswa ke letsatsi le kgwedi; hobane o boneswa ke kganya ya Modimo, mme Konyana ke lebone la wona.

24. Ditjhaba di tla tsamaya leseding la wona, mme marena a lefatshe a tla tiisa teng kganya le hlompho ya wona.

25. Menyako ya wona e ke ke ya kwalwa motshehare, etswe bosiu ha bo sa tla hlola bo eba teng ho wona.

26. Ho tla tliswa ho wona kganya le hlompho ya ditjhaba.

27. Ha ho ntho e ditshila e tla kena teng, leha e le ba etsang manyala le leshano, ho tla kena ba ngodilweng bukeng ya bophelo ya Konyana feela.

Tshenolo 21