12. O dikeditswe ke lerako le leholo le phahamileng; o kenwa ka menyako e leshome le metso e mmedi; mangeloi a leshome le metso e mmedi a eme menyakong ya wona; mme mabitso a ngodilwe hodima yona, e leng mabitso a meloko e leshome le metso e mmedi ya bana ba Iseraele.
13. Ka nqa ya botjhabela menyako e meraro; ka nqa ya leboya menyako e meraro; ka nqa ya borwa menyako e meraro, le ka nqa ya bophirimela menyako e meraro.
14. Lerako la motse le na le metheo e leshome le metso e mmedi eo ho ngodilweng ho yona mabitso a baapostola ba Konyana ba leshome le metso e mmedi.
15. Ya buang le nna o ne a tshwere leqala la kgauta la ho lekanya motse le menyako ya wona le lerako la wona.
16. Motse o na le dikgutlo tse nne; bolelele ba wona bo lekana le bophara ba wona; ha o se o lekanntswe ka leqala, ha fihlelwa ho le stadia tse dikete tse leshome le metso e mmedi; bolelele, le bophara, le bophahamo ba wona bo a lekana.
17. A ntoo lekanya lerako la wona, mme a fihlela ho le ditswe tse lekgolo le nang le mashome a mane a metso e mene, ka tekanyo ya motho, e leng ya lengeloi.
18. Lerako la motse le hahilwe ka majwe a jaspe; motse wona e le kgauta feela e hlwekileng, e kang seipone se hlwekileng.
19. Metheo ya lerako la motse e kgabisitswe ka mahakwe a mefutafuta, a bohlokwa. Motheo wa pele ke wa jaspe; wa bebedi wa safire; wa boraro wa kalsedone; wa bone wa emerauda;
20. wa bohlano ke wa sardonise, wa botshelela wa sardone, wa bosupa wa krisolithe, wa boroba meno e le mmedi wa berile, wa boroba mono o le mong wa topase, wa leshome wa krisoprase, wa leshome le motso o mong wa hiasinthe, wa leshome le metso e mmedi wa amethiste.
21. Menyako e leshome le metso e mmedi ke diperela tse leshome le metso e mmedi; monyako o mong le o mong o entswe ka perela e le nngwe; lepatlelo la motse lona ke kgauta e ntle jwaloka seipone se bonaletsang.
22. Haele tempele, ha ke a ka ka e bona ho wona; hobane Morena Modimo o matla wohle le Konyana ke tempele ya wona.
23. Motse ha o na ho boneswa ke letsatsi le kgwedi; hobane o boneswa ke kganya ya Modimo, mme Konyana ke lebone la wona.